Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 14:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha o ena le tumelo, o be le yona kahare ho wena pela Modimo. Motho ya lehlohonolo ke eo letswalo la hae le sa mo tsweng dinthong tseo a di emelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Tumelo eo o nang le yona tabeng ya dijo, e tsejwe ke wena le Modimo feela. Ho lehlohonolo motho eo letswalo la hae le sa mo ahloleleng seo a reng se lokile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Na o na le tumelo? e be le wena pela Modimo. Ho lehlohonolo ya sa inkeleng molato ka seo a se dumelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Na o na le tumelo? e be le wena pela Modimo. Ho lehlohonolo ya sa inkeleng molato ka seo a se dumelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 14:22
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.


Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena.


Hobane e mong o re, a ka ja ntho tsohle, athe e mong ya fokolang o ja meroho feela.


Empa ya belaelang, ha a eja, o tsuong, kahobane ha a je ka tumelo; mme se seng le se seng se sa etsweng ka tumelo ke sebe.


E mong o lekanya letsatsi le leng hoba le leholo ho a mang, kanthe e mong o re, matsatsi kaofela a lekana. E mong le e mong a ke a kgolwe hantle moyeng wa hae.


Ha ho le jwalo, wena motho, leha o ka ba mang le mang, o ahlolang ba bang, ha o na moitatolo; hobane, ha o ntse o ahlola ba bang, o itswa e le wena; hobane wena ya ahlolang, o etsa tsona ditaba tseo.


Hobane seo ke se etsang ha ke se tsebe; hobane ha ke etse seo ke se ratang, empa ke etsa seo ke se hloileng.


Ke motho ya soto hakakang! Ke mang ya tla ngkolla mmeleng wona wa lefu?


Empa tsebo ha e ho bohle; hobane ba bang le jwale ba sa ntse ba eja dintho tse hlabetsweng ditshwantsho ke letswalo la hore setshwantsho ekaba se na le taba, mme letswalo la bona le fokolang le ditshila ke hona.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


O kae hara lona ya hlalefileng, ya rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao wa hae o motle mesebetsi ya hae ka mosa o tswalwang ke bohlale.


Baratuwa, ha dipelo tsa rona di sa re nyatse, re na le tshepo e tiileng ho Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ