Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 14:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Ka baka leo, a re se keng ra hlola re ahlolana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ka baka leo, a re se keng ra hlola re ahlolana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 14:13
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.


Ho tla thwe: Batalatsang, batalatsang, le lokise tsela, le tlose dikgopiso tsohle tseleng ya setjhaba sa ka!


Mora motho, banna bana ba kgomaretse ditshwantsho tsa bona ka dipelo tsa bona, ba beile lebaka la kgopiso la bokgopo ba bona maloka le bona: Hleka nka dumela ho botswa ke bona na?


O se ke wa rohaka ya tsebetutu; o se ke wa bea letho pela sefofu le ka mo kgopang. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.


Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.


Mme ha le ikgethele keng se lokileng e le lona?


Ho ka bang molemo ho yena, ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, le ho dihelwa lewatleng, ho ena le hore a kgopise e mong wa ba banyenyane bana.


Davida le yena o re: Tafole ya bona a e ba fetohele leraba, le lemena, le kgopiso, le tefetso;


Empa wena, o ahlolelang ngwaneno? Kapa wena, o nyedisetsang ngwaneno? Athe bohle re tla emiswa pela setulo sa kahlolo sa Modimo.


Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, mme ya sa jeng tsohle le yena a se ke a ahlola ya jang tsohle; hobane Modimo o mo amohetse.


Na o mang, ha o ahlola mofo wa e mong? Leha a ka ema, leha a ka wa, ho na le monghadi wa hae; athe o tla ema, hobane Modimo o na le matla a ho mo emisa.


Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.


Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,


Le ke le ahlole e le lona hore na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala hloohong?


Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;


Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.


le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;


Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.


ana e ke ke yaba le kgethile ka dipelong tsa lona, mme le ahlotse ka mehopolo e mebe na?


Le se ke la sebana, banabeso. Ya sebang ngwanabo, kapa ya ahlolang ngwanabo, o seba molao, o ahlola molao; mme ha o ahlola molao, ha o moetsi wa molao, empa o le moahlodi wa wona.


Ya ratang ngwanabo, o dutse leseding, mme ha ho letho ka ho yena le mo kgopisang.


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ