Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 13:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa lakatsa ntho ya e mong, leha e le melao efe le efe e sa leng teng, e akareditswe ke polelo ena e reng: Rata wa heno, jwalokaha o ithata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Efela ditaelo tse reng: “O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa lakatsa,” leha e le taelo e nngwe e ka bang teng, tsohle di akareditswe ka taelo ena e reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Hobane ke ho re: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa paka ka leshano, o se ke wa chacheha ka mohono; mme ekare ha ho le taelo e nngwe, e fumanwa ka bokgutshwane polelong ena e reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hobane ke ho re: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa paka ka leshano, o se ke wa chacheha ka mohono; mme ekare ha ho le taelo e nngwe, e fumanwa ka bokgutshwane polelong ena e reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 13:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.


le etse moditjhaba jwalokaha le etsa ya tswaletsweng ha habo lona, mme le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Mme wa bobedi, o tshwanang le wona, ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.


O tseba melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa ja tsa e mong, hlonepha ntatao le mmao.


Mme wa bobedi o tshwanang le wona ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ha ho molao o moholo ho yona eo.


A araba, a re: O tla rata Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle; le wa heno, o mo rate jwalokaha o ithata.


O tseba melao e reng: O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa bea bopaki ba bohata; hlonepha ntatao le mmao.


Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ