Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 12:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ka baka leo, eo e leng sera ho wena, ekare ha a lapile, o mo fepe; ha a nyorilwe, o mo nose; hobane ha o ntse o etsa jwalo, etlaba o mmokellela mashala a mollo hloohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Empa: “Ha sera sa hao se lapile, se fepe; ha se nyorilwe, se fe metsi se nwe; ka ho etsa jwalo o se hlabisa dihlong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Ka baka leo, ekare ha sera sa hao se lapile, se fepe; ha se nyorilwe, o se nose: hobane ka ho etsa jwalo o tla bokela mashala a mollo hloohong ya sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ka baka leo, ekare ha sera sa hao se lapile, se fepe; ha se nyorilwe, o se nose: hobane ka ho etsa jwalo o tla bokela mashala a mollo hloohong ya sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 12:20
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Josefa o laela hore mekotla ya bona e tlatswe ka koro, le hore tjhelete ya e mong le e mong e busetswe mokotleng wa hae, mme ba newe mefaho ya tsela. Ba etsetswa jwalo.


Elisha a re: O ke ke wa ba bolaya. Bao o ba hapileng ka sabole ya hao le ka seqha sa hao, na o ye o ba bolaye na? Bea bohobe le metsi pela bona, ba je, ba nwe, ba ntoo kgutlela ho morena wa bona.


O tla putswa ka metsu e ntjhotjho ya mohale, le ka mashala a hlenneng a sehalahala.


Mashala a hlenneng a ke a hlohlorehele hodima bona! Ba ke ba dihelwe malakabeng le mohomeng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha.


Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;


Empa ke re ho lona ba mamelang: Ratang bao e leng dira ho lona; ba le hloyang le ba etse hantle.


O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.


Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ