Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 11:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Modimo o ba neile moya wa bolokwana, le mahlo ao ba sa tlo bona ka wona, le ditsebe tseo ba sa tlo utlwa ka tsona, ho fihlela letsatsi la kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Modimo o ba neile moya o se nang kutlwisiso, mahlo a sa boneng, le ditsebe tse sa utlweng, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 ho ya kamoo ho ngotsweng kateng, ho thwe: Modimo o ba neile moya wa ho otsela, mahlo a hore ba se ke ba bona, le ditsebe hore ba se ke ba utlwa, ho fihlela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 ho ya kamoo ho ngotsweng kateng, ho thwe: Modimo o ba neile moya wa ho otsela, mahlo a hore ba se ke ba bona, le ditsebe hore ba se ke ba utlwa, ho fihlela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 11:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le kajeno ba sa etsa ka mekgwa ya bona ya pele; ha ba tshabe Jehova, ha ba etse le ka melao yohle ya bona, leha e le ka mekgwa yohle ya bona, leha e le ka molao le ka taelo eo Jehova a e laetseng bara ba Jakobo, eo a mo reileng Iseraele;


Haele ditjhaba tseo, tsa tshaba Jehova jwalo, tsa mpa tsa sebeletsa le ditshwantsho tsa bona; le bana ba bona le ditloholo tsa bona ba ntse ba etsa le kajeno jwalokaha ho nnile ha etsa bontata bona.


Hobane Jehova o le tshetse ka moya wa boroko, o kwetse mahlo a lona, ke ho re baporofeta, o apesitse dihlooho tsa lona ka lefifi, ke ho re diboni tsa lona.


A re: Eya, o bolelle setjhaba seno, o re: Le tla mamela, empa le ke ke la utlwisisa; le tla tadima, empa le ke ke la bontshisa.


Mamela hle, setjhaba se sethoto, se se nang kelello, se nang le mahlo, empa ha se bone, se nang le ditsebe, empa ha se utlwe.


Mora motho, o ahile hara ntlo ya bahanyetsi, etswe ba ena le mahlo a ho bona, ba mpa ba sa bone, mme ba na le ditsebe tsa ho utlwa, ba mpa ba sa utlwe; efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Ka ba ka ba silafatsa ka dinyehelo tsa bona, kamoo ba neng ba tjhesa bara bohle ba matsibolo kateng, hore ke tle ke be ke ba etse lesupi, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.


wa re: Eya ho setjhaba seo, o re ho sona: Haele ho utlwa, le tla utlwa, mme le ke ke la utlwisisa; haele ho bona, le tla bona, mme le ke ke la bontshisa.


Empa ho fihlela letsatsi la kajeno, Jehova ha a ka a le nea pelo tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ