Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 11:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 A botebo ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang, ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 A botebo ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang, ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 11:33
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taba eo ya mpa ya tsejwa ke Mordekai, mme a e tsebisa mofumahadi Esthere, Esthere yena a e bolella morena ka lebitso la Mordekai.


Empa pelong ya hao o patile taba! Ke bona seo o se hopotseng ka ho wena.


Na o rutehile makunutu a Modimo, mme o ikgapetse bohlale o le mong na?


O tla phetha taba eo o ntaoletseng yona; ditaba tse jwalo di sa le ngata ka ho wona.


ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?


O o tsekisa keng ka ho re, ha o ikarabele diketsong tsohle tsa wona?


O re rute seo re ka se buang ho wona; hobane re sitwa ho bua ka baka la ho se tsebe ha rona!


Re ke ke ra finyella ho Ya matla wohle; o phahamile ka matla le ka toka, le ka ho loka ho sa kgelosweng.


e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.


O etsa dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.


Tsebo eo ke mohlolo ho nna; e phahamile haholo, ke sitwa ho e fihlela.


Jehova o moholo, o lokelwa ke dithoko tsohle, boholo ba hae ha bo na ho lekanngwa.


Ho loka ha hao ho ka ka dithaba tsa Modimo, dikahlolo tsa hao di tebile jwaloka lewatle. Jehova o baballa batho le diphoofolo.


Jehova, Modimo wa ka, e kgolo hakakang palo ya mehlolo le ya merero eo o re etseditseng yona! Ha ho ya ka e lokodisang pela hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.


Wa iketsetsa tsela lewatleng, mmila metsing a maholo, mehlala ya hao ha e a ka ya tsejwa.


Mesebetsi ya hao e meholo hakakang, Jehova, mehopolo ya hao e tebile hakakang!


Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.


Kganya ya Modimo ke ho bea ditaba sephiring, empa ho di batlisisa ke kganya ya marena.


Ho phahama ha lehodimo le ho teba ha lefatshe, le dipelo tsa marena, ha di na ho fuputswa.


O entse tsohle di le ntle nakong ya tsona; o bile o beile lefatshe lohle pela bona hore ba lemohe ditaba tsa lona; leha ho le jwalo, ha ho motho ya utlwisisang mesebetsi e entsweng ke Modimo, ho qala qalong ya yona ho isa qetellong ya yona.


Se bileng teng se hole, hape se tebile, ruri se tebile; ya tla se fihlela ke ha e le mang na?


ka bona hobane, bakeng sa mesebetsi yohle ya Modimo motho a ka sitwa ho utlwisisa mosebetsi le o mong o etswang tlasa letsatsi; leha motho a ka ikgathatsa jwang le jwang, hore a batle hoo, a ke ke a ho fumana; esita leha ya bohlale a ka re, o a tseba, a ke ke a utlwisisa.


Le yona taba eo e tswa ho Jehova wa makgotla, ya nang le kutlwisiso e makatsang le kelello e kgolo.


Na ha o tsebe, na ha o a ka wa utlwa hobane Jehova ke Modimo wa kamehla yohle, Mmopi wa dipheletso tsa lefatshe? Ha a kgathale, ha a fokole, kelello ya hae ha e lekanngwe.


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?


hore o tumise monono wa kganya ya wona ka dipitsa tsa kgauhelo, tseo o neng o di lokiseditse kganya esale pele?


Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa wona, hobane Moya o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.


Ke ka ho yena re nang le topollo ka madi a hae, ke ho re, tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa hae,


hore mehleng e tlang, o tle o bonahatse monono o fetisang wa mohau wa wona, ka lereko leo o re etseditseng lona ho Jesu Kreste.


hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,


Ke a rapela hore a le nee, ka monono wa kganya ya hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa kahare ke Moya wa hae,


e le hore, ha le se le meletse leratong, le theilwe ka ho lona, le be ba ka utlwisisang le bahalaledi bohle bophara ba lona, le bolelele ba lona, le botebo ba lona, le ho phahama ha lona;


Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,


bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba, e leng hoba Kreste o ho lona, yena e leng tshepo ya kganya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ