Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 11:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Hobane dineo le pitso tsa Modimo ha di na pako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Hobane dineo le pitso tsa Modimo ha di na pako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 11:29
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung? Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.


Hobane, nna Jehova, ha ke a fetoha, ke moo lona, bara ba Jakobo, le sa kang la timela.


Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?


Hobane jwalokaha le lona pele le ne le sa dumele Modimo, athe jwale le hauhetswe ka baka la ho se dumele ha bona,


Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.


Mme bao o ba reretseng pele, o bile o ba bitsitse; mme bao o ba bitsitseng, o bile o ba beile ba lokileng; mme bao o ba beileng ba lokileng, o bile o ba tlotlisitse.


Banabeso, le lemoheng hle ho bitswa ha lona, hobane ba bohlale ka mokgwa wa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae.


o edise mahlo a dipelo tsa lona, le tle le tsebe tshepo e leng teng pitsong ya wona le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Ke le kgothatsa ke hona, nna ke leng moholehuwa ka baka la Morena, ke re: Tsamayang ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona,


Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona.


empa ke etsa ho le hong feela: ke lebala tse kamorao, mme ke hahamalla ho tse kapele; ke mathela moo ho lekantsweng teng, e leng pheo eo re e biletswang hodimo ke Modimo, ka Jesu Kreste.


Ke ka baka leo re le rapellang kamehla, hore Modimo wa rona o le etse ba lokelwang ke pitso ya wona, mme o phethe ka ho lona ka matla dithato tsohle tsa mosa wa wona, le mesebetsi yohle ya tumelo;


o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale;


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


athe baprista bale ba pele ba beilwe ho se kano, empa yena o beilwe ka kano ke ya itseng ho yena: Morena o hlapantse, mme a ke ke a kweneha: O moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke —


Ha ho le jwalo, banabeso, le mpe le tiye matla ke hona ho tiisa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; hobane ha le ka etsa jwalo ke moo le ke keng la kgoptjwa le ka mohla o le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ