Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 mme ke sona selekane seo ke tla ba etsetsa sona, mohla ke tlosang dibe tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Sena ke sona selekane seo ke tla se etsa le bona, ha ke tlosa dibe tsa bona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Hobane sena ke selekane sa ka le bona, mohla ke tlosang dibe tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Hobane sena ke selekane sa ka le bona, mohla ke tlosang dibe tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 11:27
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Haele nna, ke sona selekane seo ke se etsang le bona, ho bolela Jehova: Moya wa ka o dutseng ho wena, le ditaba tsa ka tseo ke di beileng molomong wa hao, ha di sa tla tloha molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya bana ba bana ba hao, ho bolela Jehova jwale le ka ho sa feleng.


Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.


Inkeleng dipolelo, le kgutlele ho Jehova, le re ho yena: Tlosa dibe tsohle, o amohele ho hotle, re o lebohe ka mahlabelo a maleme a rona.


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


Selekane ke sena seo ke tla se etsa le bona kamora ditshiu tseo, ho rialo Morena; ke tla kenya melao ya ka dipelong tsa bona, ke e ngole dikelellong tsa bona, o eketsa o re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ