Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 11:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ka baka leo, o lemohe mohau wa Modimo le bothata jwa wona; bothata hodima ba weleng, le mohau hodima hao, ha o tiisetsa molemong oo wa wona; hobane ha o sa tiisetse teng, o tla rengwa le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ha ho le jwalo, bona mosa le bohale ba Modimo. O halefetse ba weleng, empa o mosa ho wena, haeba o itshwareletse ka mosa oo; ho seng jwalo le wena o tla rengwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Bona he, molemo le bopeloethata jwa Modimo; empa ho wena, molemo, ha o tiisetsa molemong wa hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Bona he, molemo le bopeloethata jwa Modimo; empa ho wena, molemo, ha o tiisetsa molemong wa hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 11:22
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le leholo hakakang lereko leo o le boloketseng ba o tshabang, leo o le hlahisetsang ba itshepetseng wena pontsheng ya bana ba batho;


Le tla bona hoo, mme dipelo tsa lona di tla thaba, masapo a lona a mele jwaloka jwang; letsoho la Jehova le tla tsejwa ke bahlanka ba hae; empa o tla halefela dira tsa hae.


Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.


Ya lokileng, leha a ka kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mohla ke beileng kgopiso pela hae, o tla shwa; ha o sa ka wa mo tshosa, o tla shwa ka sebe sa hae, mme ha ho ka ke ha thwe letho ka tse lokileng tseo a di entseng; empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Mme tse wetseng mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka dipelo tse ntle, tse molemo; ba le boloka, mme ba beha dijo ka tiisetso.


Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.


Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ekare ha le tiisetsa lentsweng la ka, le tla ba barutuwa ba ka ka nnete;


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Hobane ekare ha Modimo o sa ka wa hauhela makala ao e leng wona ka hlaho, le wena o ke ke wa o hauhela.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


eo le pholohang ka yona, ha le ka e boloka kamoo ke le boleletseng yona kateng, haeba le sa ka la dumela feela.


Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.


Ke re, ka baka la ho hlolwa ke ho le hlolohelwa, nkile ka roma Timothea, a tle a bone kamoo tumelo ya lona e dutseng kateng; esebe mohlomong moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.


Hobane jwale, ha le tiile Moreneng, re a phela.


A re tiiseng kano ya tumelo ya rona, re se na ho sisinyeha; hobane ya re tshepisitseng o a tshepeha.


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


Empa Kreste o bile kgabane pusong ya ntlo ya wona ka mokgwa wa Mora; mme ntlo ya wona ke rona, ha re boloka, ka ho tiya, tshepo le thabo ya tebello ya rona ho fihlela la bofelo.


Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.


Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ