Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 11:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme ha ho kgoptjwa ha bona e bile lefumo la lefatshe, mme kokobelo ya bona e bile moruo wa baditjhaba, ho emiswa ha bona kaofela ho tla ba jwalo hakakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ha e le mona tshito ya bona e ruisitse lefatshe, mme bokwenehi ba bona bo ruisitse baditjhaba, tshokoloho ya bona bohle e tla ruisa lefatshe hakaakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Jwale haeba ho wa ha bona e le leruo la lefatshe, mme ho fokotseha ha bona ho ruisa baditjhaba; hakakang ho tlala ha tsona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Jwale haeba ho wa ha bona e le leruo la lefatshe, mme ho fokotseha ha bona ho ruisa baditjhaba; hakakang ho tlala ha tsona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 11:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


eo lehodimo le tshwanetseng ho ba le yena ho be ho fihle mehla ya tokiso ya dintho tsohle, eo Modimo o e boletseng ka melomo ya baporofeta ba halalelang ba wona bohle, haesale le tshimolohong.


Hobane ha tahlo ya bona e bile poelano ya lefatshe le Modimo, kamohelo ya bona e tla ba eng, haese bophelo bo tswang bafung?


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


hore o tumise monono wa kganya ya wona ka dipitsa tsa kgauhelo, tseo o neng o di lokiseditse kganya esale pele?


Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,


bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba, e leng hoba Kreste o ho lona, yena e leng tshepo ya kganya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ