Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 11:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa ke re: Hleka ba kgopilwe ho wela ruri na? Ntho e jwalo e be hole! Empa ka ho kgoptjwa ha bona, poloko e fihletse baditjhaba, ba tle ba ba tsose ka mona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwale ke a botsa: Na Baiseraele ba ile ba kgoptjwa hore ba wele ruri? Le kgale! Empa ka baka la tshito ya bona, ho pholoswa baditjhaba, e le hore Baiseraele ba tle ba be lefufa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Joale ke re: Na ba khopiloe hore ba oe? A go se nne jalo, mme ka go wa ga bone poloko e tsile mo Baditšhaba, go ba tlhotlheletsa gore ba fufege.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Joale ke re: Na ba khopiloe hore ba oe? A go se nne jalo, mme ka go wa ga bone poloko e tsile mo Baditšhaba, go ba tlhotlheletsa gore ba fufege.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 11:11
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hleka nka thabela lefu la e mobe? ho botsa Morena Jehova. Ha ke re: Nka mo thabela, ha a ka kgeloha ditsela tsa hae, a tle a phele na?


Athe nna ha ke thabele lefu la ya shwang: ho rialo Morena Jehova. Ha ho le jwalo, sokolohang, le tle le phele.


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


O tla tla, a timetse balemi bao; mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Ha ba utlwa hoo, ba re: ho se ke ha eba jwalo!


Eitse hobane ba tswe sinagogeng ya Bajuda, baditjhaba ba rapela hore, ka Sabatha e tlang, ba bolellwe ditaba tseo le bona.


Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.


Empa ke re: Na Iseraele ha a ka a tseba na? Moshe o qadile, a re: Ke tla le etsa mona ka setjhaba seo e seng sona; ke tla le halefisa ka setjhaba se se nang kelello.


Jwale, ke re: Ana Modimo o lahlile setjhaba sa wona na? Tjhe, ho se ke ha thualo! Hobane le nna ke Moiseraele, wa mofuta wa Abrahama, wa leloko la Benjamine.


Mme ha ho kgoptjwa ha bona e bile lefumo la lefatshe, mme kokobelo ya bona e bile moruo wa baditjhaba, ho emiswa ha bona kaofela ho tla ba jwalo hakakang!


mohlomong ke tle ke tsose ba nama ya ka ka mona, mme ke pholose ba bang ho bona.


ka mokgwa o jwalo, le bona ba fetohile jwale ba sa dumeleng, ba tle ba hauhelwe le bona ka kgauhelo e le hlahetseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ