Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale, ke re: Ana Modimo o lahlile setjhaba sa wona na? Tjhe, ho se ke ha thualo! Hobane le nna ke Moiseraele, wa mofuta wa Abrahama, wa leloko la Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Jwale ke a botsa: Na Modimo o lahlile setjhaba sa hae na? Le kgale! Le nna ke Moiseraele, ke setloholo sa Aborahama, ke wa leloko la Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Jwale ke re: Hleka Modimo o lahlile setjhaba sa wona na? Molimo ha ho joalo. Hobane le nna ke Moiseraele, wa leloko la Abrahama, wa leloko la Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Jwale ke re: Hleka Modimo o lahlile setjhaba sa wona na? Molimo ha ho joalo. Hobane le nna ke Moiseraele, wa leloko la Abrahama, wa leloko la Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 11:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Jehova o fela a ne a itse: Le Juda ke tla mo tlosa pela ka, jwalokaha ke tlositse Iseraele, ke lahle le Jerusalema, motse wona oo ke neng ke ikgethetse wona, le ntlo eo ke neng ke itse, lebitso la ka e tla be e sa le le le teng ho yona.


Na Morena a ka lahla motho ka ho sa feleng? A ke ke a boela a hauhela na?


Hobane Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, a ke ke a tlohela lefa la hae;


Modimo wa ka o tla ba lahla, hobane ha ba ka ba o utlwa; e tla ba basepedi hara ditjhaba.


O tla tla, a timetse balemi bao; mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Ha ba utlwa hoo, ba re: ho se ke ha eba jwalo!


Yaba o re: Nna, ke Mojuda, ya tswaletsweng Tarese wa Silisia; ke mpa ke holetse motseng wona maotong a Gamaliele; ka rutwa ka mokgwa o fetisisang ho ya ka molao wa bontata rona, ka ba le tjheseho ho Modimo jwaloka lona kaofela kajeno.


Haele tsa bophelo ba ka, haesale le botjheng ba ka, kahobane ke bo phetse hara setjhaba sa heso, hona hae, Jerusalema, Bajuda kaofela ba di tseba.


Empa ke re: Hleka ba kgopilwe ho wela ruri na? Ntho e jwalo e be hole! Empa ka ho kgoptjwa ha bona, poloko e fihletse baditjhaba, ba tle ba ba tsose ka mona.


Ho se be jwalo! Nnete e be ya Modimo, mme batho bohle ba be leshano, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O tle o fumanwe o lokile dipolelong tsa hao, mme o tle o hlole mohla o ahlolwang.


Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;


A ke Baheberu? Le nna ke yena. A ke Baiseraele? Le nna ke yena. A ke ditloholo tsa Abrahama? Le nna ke se seng sa tsona.


Ke boloditswe ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ke wa mofuta wa Iseraele, wa leloko la Benjamine, ke Moheberu wa Baheberu; ka nqa ya molao ke mofarisi.


Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ