Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 10:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa ke re: Na Iseraele ha a ka a tseba na? Moshe o qadile, a re: Ke tla le etsa mona ka setjhaba seo e seng sona; ke tla le halefisa ka setjhaba se se nang kelello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Jwale ke re: Na Baiseraele ha ba a ka ba utlwisisa? Moshe o ne a se a ile a re: “Nna ke tla le bakela lefufa ka bao e seng setjhaba, ke tla le halefisa ka setjhaba se sethoto.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Empa ke re: Na Iseraele ha a ka a tseba? Pele Moshe o re: Ke tla le hlohlelletsa poulelo ka bao e seng setjhaba, mme ke tla le halefisa ka setjhaba se se nang kelello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Empa ke re: Na Iseraele ha a ka a tseba? Pele Moshe o re: Ke tla le hlohlelletsa poulelo ka bao e seng setjhaba, mme ke tla le halefisa ka setjhaba se se nang kelello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 10:19
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.


Bohle hammoho ke mawatla le dithoto; thuto ya bona ke bohata, ke sefate!


Ke tla itjalla yena lefatsheng; mme ke tla hauhela Lo-Ruhama, ke tla re ho Lo-Ammi: O setjhaba sa ka; mme yena o tla re ho nna: O Modimo wa ka.


Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.


Empa ke re: Hleka ba kgopilwe ho wela ruri na? Ntho e jwalo e be hole! Empa ka ho kgoptjwa ha bona, poloko e fihletse baditjhaba, ba tle ba ba tsose ka mona.


mohlomong ke tle ke tsose ba nama ya ka ka mona, mme ke pholose ba bang ho bona.


Ebile hore o bonahatse ho loka ha wona mehleng ya jwale, hore e tle e be o lokileng le o beang ya nang le tumelo ho Jesu ya lokileng.


Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!


Ha ho le jwalo, ke reng? Na ke re, setshwantsho ke ntho na? Kapa se hlabetsweng medimo ke ntho na? Ha ke rialo.


Ana ha le na matlo a ho jela le ho nwela teng na? Kapa a le nyedisa kereke ya Modimo, mme le swabisa ba se nang letho na? Ke tla reng ho lona? A ke tla le boka na? Tjhe, ho tseo ha ke le boke.


Le a tseba hoba le ne le le bahetene ba hulelwang ditshwantshong tse sa bueng, kamoo le neng le hulanngwa kateng.


Seo ke mpang ke se bolela, banabeso, ke hoba nama le madi di ke ke tsa eja lefa la mmuso wa Modimo, mme ho bola ho ke ke ha eja lefa la ho sa boleng.


Seo ke se bolelang, banabeso, ke hoba, jwale, nako e kgutshwanyane; e le hore ba nang le basadi ba be jwaloka hoja ba se na bona;


Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


lona bao le neng le se setjhaba pele, empa jwale le setjhaba sa Modimo; lona bao le neng le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ