Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 10:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ya taba tse molemo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ba ka di bolela jwang ha ba sa rongwa? Ho jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “A matle hakaakang maoto a ba phatlalatsang molaetsa o molemo!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 10:15
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nyolohela thabeng e phahamileng, wena ya bolellang Sione taba tse molemo; o phahamise lentswe la hao ka matla, wena ya bolellang Jerusalema taba tse molemo; o le phahamise, o se ke wa tshaba, o bolelle metse ya Juda, o re: Modimo wa lona ke ona!


A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Jehova ya hlahisang teboho melomong ya motho, o re: Kgotso, kgotso ho ya leng hole, le ho ya leng haufi; hobane ke tla mo fodisa.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Bonang, ke na le tseko le ba porofetang ditoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba di bolelang, ba kgelosang setjhaba sa ka ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, mme haele ho thusa, ha ba thuse setjhaba sena letho, ho bolela Jehova.


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Rapelang ke hona Morena wa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.


Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.


Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela;


Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.


Kamora tseo, a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; ba leshome le metso e mmedi ba ya le yena.


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.


Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,


Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.


Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Mme jwale, haele ka nna, ke itokisitse ho bolela Evangeli le ho lona ba leng Roma.


Mme jwale, ke bile ka phehella hoba ke bolele Evangeli moo Kreste a neng a eso ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha motheong wa ba bang.


Mme ha a tlile, o boletse kgotso ho lona le neng le le hole, le ho ba neng ba le haufi;


Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,


Maotong a lona, le rwale mafolofolo a Evangeli ya kgotso.


Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ