Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 10:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Banabeso, takatso ya pelo ya ka, le thapello eo ke e etsetsang Baiseraele ho Modimo, ke hore ba bolokehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapello ya pelo ya ka ho Modimo, ke ho re, ba bolokehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapello ya pelo ya ka ho Modimo, ke ho re, ba bolokehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 10:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, o ntlohele, bohale ba ka bo tle bo ba tukele, ke ba timetse; haele wena, ke tla o etsa setjhaba se seholo.


Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.


Mme nna ha ke a ka ka ikganela hore ke se be modisa ya o salang morao; ha ke a ka ka lakatsa letsatsi la tlokotsi; wena o a tseba; se tswileng molomong wa ka se pontsheng ya sefahleho sa hao.


Na ho ka buswa bobe bakeng sa botle, haele mona ba tjheketse bophelo ba ka lemena na? Hopola hobane ke ne ke ntse ke eme pela hao ho ba buella, hore ke kgelose kgalefo ya hao ho bona.


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne!


Haele nna, ha ke amohele bopaki ho motho, ke mpa ke bolela taba tsena hore le tle le bolokehe.


Hobane ke paki ya bona, ya hore ba na le tjheseho ho Modimo, empa e seng ka kelello.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang; hape ho thwe: Mang le mang ya dumelang ho yena, a ke ke a swaba.


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Samuele ha a ka a hlola a ya bona Saule ho isa ho shweng ha hae; leha ho le jwalo, Samuele a hlomohela Saule, kahobane Jehova a ne a swabile ke hoba a entse Saule morena wa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ