Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ke dumedisa ba leng Roma, bao Modimo a ba ratang, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Ke dumedisa ba leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ke dumedisa ba leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 1:7
70 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baratuwa ba hao ba tle ba bolokehe, o re thuse ka letsoho le letona la hao, o re utlwe.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


Jehova a o kgantshetse sefahleho sa hae, mme a o hauhele!


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.


Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.


Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!


Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;


le lona, ba bitsitsweng ke Jesu Kreste, le balwang hara tsona:


Jwale, ha re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso ho Modimo, ka Jesu Kreste, Morena wa rona;


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.


leha e le bohodimo, leha e le botlase, leha e le sebopuwa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


jwalokaha o boletse le ka Hosea, ha o re: Setjhaba seo e seng sa ka, ke tla se bitsa setjhaba sa ka; le mosadi ya neng a sa ratwe, ke tla mmitsa ya ratwang.


Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona!


Banabeso, mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le moya wa lona. Amen!


A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!


Kgotso, le lerato, le tumelo di be le baena, di etswa ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste!


Haele bakeng sa Benjamine, a re: Ke moratuwa wa Jehova; o tla aha ka tshepo pela hae: o tla kgurumetswa ke Jehova, ka matsatsi wohle, mme o tla dula pakeng tsa mahetla a hae.


Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Jwale, ho Modimo, Ntata rona, e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen!


ke ngolla baena ba leng ho Jesu Kreste, bahalaledi le badumedi ba Kolose, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.


Mme kgotso ya Modimo, eo le e biletswang ho ba mmele o le mong, e buse pelong tsa lona; hape le be le teboho.


Ke le Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntate, le ho Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!


Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;


re tswe re tseba, banabeso ba ratwang ke Modimo, ho kgethwa ha lona.


Hobane Modimo ha o a ka wa re biletsa ditshileng, empa e le kgalalelong.


Mohau wa Jesu Kreste, Morena wa rona, o be le lona. Amen!


Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!


Mohau wa Jesu Kreste, Morena wa rona, o be le lona bohle. Amen!


ke ngolla Timothea, mora wa ka wa sebele tumelong, ke re: O newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.


ke ngolla Timothea, mora wa ka ya ratwang, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso, ke Modimo Ntate, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.


Morena Jesu Kreste a be le moya wa hao! Mohau o be le lona! Amen!


ke ngolla wena Tite, ngwanaka wa sebele tumelong eo re nang le yona hammoho le wena, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena Jesu Kreste, Mmoloki wa rona.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le meya ya lona! Amen!


Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!


Ke le Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke re: Dumelang!


Empa jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong ya lona yohle;


Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.


Mohau, lereko, le kgotso, di be ho lona, le di fuwa ke Modimo Ntate le ke Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, nneteng le leratong.


Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re:


Ngolla lengeloi la kereke ya Pergame, o re: Ya tshwereng sabole e ntjhotjho e leoditsweng ka nqa tse pedi, o bolela tsena, o re:


Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire, o re: Ke tsena tse bolelwang ke Mora Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a tshwanang le koporo e benyang:


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.


Ngolla lengeloi la kereke ya Smirna, o re: Wa pele le wa morao, ya kileng a shwa, mme a boela a phela, o bolela tsena, o re:


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen!


Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ