Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 le lona, ba bitsitsweng ke Jesu Kreste, le balwang hara tsona:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Le lona, le le ba bitsitsweng ke Jesu Kreste, le balellwa hara tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Le lona le le hara bona ba bitsitsweng ke Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Le lona le le hara bona ba bitsitsweng ke Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 1:6
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke kahoo o re bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba;


Modimo, o le bileditseng kopanong le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona, o hlile o a tshepeha.


Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, la phakisa ho fetela Evangeling esele;


Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;


Le lona, le neng le le hole pele, le neng le sa le dira ka mehopolo le ka mesebetsi e mebe,


e fihlileng ha heno, jwalokaha e fihlile lefatsheng lohle, moo e ntseng e beha ditholwana, jwalokaha e etsa hara lona haesale mohla le e utlwileng, le tsebileng mohau wa Modimo kannete;


Mme ra le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le biletsang mmusong wa wona le kganyeng ya wona.


O le bileditse hona ka Evangeli ya rona, le tle le rue kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.


o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale;


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Ha ho le jwalo, banabeso, le mpe le tiye matla ke hona ho tiisa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; hobane ha le ka etsa jwalo ke moo le ke keng la kgoptjwa le ka mohla o le mong.


Ke le Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, ba boloketsweng Jesu Kreste, ke re:


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ