Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 e leng bona ba fetotseng nnete ya Modimo leshano, ba rapetseng tse bopilweng, ba di sebeleditseng, ba furaletse Mmopi ya bokwang kamehla. Amen!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Bona ba fetotse nnete ya Modimo leshano, ba kgumamela sebopuwa, ba se sebeletsa ho ena le Mmopi ya bokwang kamehla yohle! A ho be jwalo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Ke ba fetotseng nnete ya Modimo leshano, ba kgumamelang popo, ba e sebeletsa ho fetisa Mmopi ya bokwang ka ho sa feleng. Amen.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Ke ba fetotseng nnete ya Modimo leshano, ba kgumamelang popo, ba e sebeletsa ho fetisa Mmopi ya bokwang ka ho sa feleng. Amen.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 1:25
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho bokwe lebitso la hae le kganyang ka ho sa feleng; lefatshe lohle le ke le tlale kganya ya hae! Amen! e, amen!


O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?


Eo ke kabelo ya hao, karolo eo ke o lekanyetsang yona, ho bolela Jehova, hobane o hlile wa ntebala, mme o itshepetse leshano.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;


Ho thuswang ke setshwantsho se betlilweng, ha mmetli wa sona a se betlile; le ke setshwantsho se tsholotsweng, le ke moruti wa leshano, ha mmetli a itshepela se betlilweng ke yena, a tle a etse medimo e dimumu?


Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Yaba o re ho bona: Kgang jwale, le isetse monga mokete. Mme ba mo isetsa.


Hobane bohale ba Modimo bo bonahala bo etswa lehodimong, ho otla nyefolo e nngwe le e nngwe, le bokgopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang nnete ka bokgopo.


Mme kganya ya Modimo o sa boleng ba e fetotse ditshwantsho tse lekanyang motho ya bolang, le dinonyana le diphoofolo tse maoto a mane, le dihahabi.


bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!


Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, e leng o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hoba ha ke leshano.


ho yena ho iswe kganya kerekeng, ka baka la Jesu Kreste, kamehla yohle, ka ho sa feleng! Amen!


Hobane batho bohle ba bolela sebaka sa ho kena seo re bileng le sona hara lona, le kamoo le sokolohetseng ho Modimo kateng, la furalla ditswantsho ho sebeletsa Modimo o phelang, wa nnete,


e leng ka Evangeli e kganyang ya Modimo o lehlohonolo, eo ke e laetsweng.


Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!


e be baeki, le bahalefi, le baikgohomosi, ba ratang menate ya nama, e seng Modimo;


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ