Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 1:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane ho loka ha Modimo ho kwaholotswe ka ho yona, ho tswang tumelong ho isang tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Hobane ho loka ha Modimo ho bonahatswa ka teng ho tloha tumelong ho isa tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane ho loka ha Modimo ho bonahatswa ka teng ho tloha tumelong ho isa tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 1:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha a tsamaya dikomelong tsa ka, a boloka melao ya ka, ho etsa nnete, motho eo etlaba o lokile; efela o tla phela: ho rialo Morena Jehova.


Bona, moya wa hae o hohomohile, ha o a loka ka ho yena; empa ya lokileng o tla phela ke tumelo ya hae.


Moshe e etsa noha ka koporo, a e fanyeha sefateng; mme e mong le e mong ya lomilweng ke noha, ha a tadima noha ya koporo, o ne a phela.


Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.


Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;


Empa jwale, ho loka ha Modimo ho hlahile, e seng ka molao, ho ntse ho pakwa ke molao le baporofeta;


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


Hleka leha ba bang ho bona ba sa ka ba dumela, ho se dumele ha bona ho ka fosisa ho tshepeha ha Modimo na?


Jwale, re tla reng? Re tla re: Baditjhaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fumane ho loka, e leng ho loka ho tswang tumelong;


Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Mme haele hoba ha ho motho ya ka bewang ya lokileng pela Modimo ke molao, ho a bonahala; kahobane ho itswe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


mme ke fumanwe ho yena ke ena le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho dumela ho Kreste, ke ho re, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo;


Mme ya lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a kweneha, moya wa ka ha o kgahliswe ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ