Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 7:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Molao o fela o nka batho ba fokolang ho ba etsa baprista ba baholo; empa haele polelo ya kano e entsweng kamorao ho molao, e mmea Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Molao wa Moshe o beile batho ba nang le mefokolo hore e be Baprista ba Baholo; athe mantswe a kano, a builweng kamorao ho Molao wa Moshe, a beile Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Hobane Molao o bea batho ba nang le mefokolo ho ba baprista ba baholo; empa lentswe la kano, le bileng teng kamora molao, le bea Mora, ya kgethetsweng ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Hobane Molao o bea batho ba nang le mefokolo ho ba baprista ba baholo; empa lentswe la kano, le bileng teng kamora molao, le bea Mora, ya kgethetsweng ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 7:28
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o hlapantse, a ke ke a kweneha; o itse: O moprista ka ho sa yeng kae, ka mokgwa wa Melkisedeke.


Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.


A re ho bona: Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, ke leleka batemona, mme ke sa fodisa batho kajeno le hosasane; mme ka la boraro ke ya phetheha.


Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya.


jwale, mehleng ena ya qetello o buile le rona ka Mora, eo o mmeileng mojalefa wa ntho tsohle, eo hape o entseng ka yena tse bopilweng kaofela.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Empa Kreste o bile kgabane pusong ya ntlo ya wona ka mokgwa wa Mora; mme ntlo ya wona ke rona, ha re boloka, ka ho tiya, tshepo le thabo ya tebello ya rona ho fihlela la bofelo.


Erekaha re ena le mopirsta e moholo ya nang le boholo bo bokalo, e leng Jesu, Mora Modimo, ya pholleditseng ka mahodimo, a re tiiseng kano ya rona.


Esitile Kreste le yena ha a ka a inea kganya ya boprista bo boholo, empa o e neilwe ke ya itseng ho yena: O Mora ka, ke o tswetse kajeno.


athe baprista bale ba pele ba beilwe ho se kano, empa yena o beilwe ka kano ke ya itseng ho yena: Morena o hlapantse, mme a ke ke a kweneha: O moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke —


Empa yena, kahobane ke wa kamehla, o na le boprista bo sa abuweng.


ya se nang ntatae le mmae, ya se nang le leloko, leha e le qaleho ya ditshiu le qetello ya bophelo; empa e le ya entsweng ya tshwanang le Mora Modimo — e ya nne e sa le e le moprista ka ho sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ