Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 6:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Tshepo eo re na le yona jwaloka sengaparela sa moya, se tiileng e le kannete. Tshepo eo e kenella kahare ho lesira,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 tshepo eo re nang le yona e le ankora ya moya, e tiileng, e tiileng, e kenang ka hare ho lesira;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Tshepo eo re nang le yona e le ankora ya moya, e tiileng, e tiileng, e kenang ka hare ho lesira;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 6:19
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme jwale, Morena, seo nka se lebellang keng? Tshepo ya ka e ho wena.


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka, ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo, ke sa tla o roka; ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.


O tla hlabela setjhaba phooko ya sehlabelo sa sebe; o tla isa madi a yona kamora lesira, mme o tla etsa ka madi ao jwalokaha a entse ka madi a pohwana, o tla foka ka wona hodima sekwahelo, le pela sona.


Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.


Kgutlelang qhobosheaneng, lona batshwaruwa ba nang le tshepo! Kajeno lena, ke a bolela, ke re: Ke tla o buseletsa habedi.


Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;


Jwale Pauluse ka ho tseba hore ba bang ho bona ke basadusi, ba bang ke bafarisi, a phahamisa lentswe hara lekgotla, a re: Banna ba heso, nna ke mofarisi, mora wa mofarisi, ke ahlolwa ka baka la tshepo le la tsoho ya bafu.


Mme kahobane ba ne ba tshaba hoba mohlomong re ka hohlomela mafikeng, ba dihela diankora tse nne ka maraong a sekepe, se tle se eme, mme ba lebella bosiu ho sa.


Yare ha ba kgaotse diankora, ba di siya lewatleng, ba ba ba lokolla mamati a kgannang sekepe; ba ntoo emisa lepheo la artimone, ba tshelela nqa lebopong.


Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle,


Abrahama o dumetse ka tshepo, leha ho ne ho se sebaka sa ho tshepa, hore o tla fetoha ntata ditjhaba tse ngata, ka seo a se boleletsweng, ha thwe: Leloko la hao e tla ba le lekalo.


mamello e hlahisa temoho, temoho e hlahisa tshepo;


Mme jwale, tse tharo tsena di a sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


mme o re tsositse hammoho, wa ba wa re dudisa hammoho mahodimong, ho Jesu Kreste;


bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba, e leng hoba Kreste o ho lona, yena e leng tshepo ya kganya.


Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re bone mohau, mme re fumane lereko, re tle re thuswe nakong e loketseng.


Mme kamora lesira la bobedi, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitswang sehalaledisiso;


empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ