Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 13:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ditopo tsa dikgomo tseo madi a tsona a nkelwang sehalalelong ke moprista e moholo ka baka la dibe, di tjheswa kantle ho setsha sa ditente.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Moprista e Moholo o tlisa madi a diphoofolo Sehalalelong e le nyehelo ka baka la sebe, empa ditopo tsa tsona di tjhesetswa kantle ho diahelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Hobane ditopo tsa diphoofolo tseo madi a tsona a iswang Sehalalelong ke moprista e moholo bakeng sa sebe, ditopo tsa tsona di tjheswa kantle ho diahelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane ditopo tsa diphoofolo tseo madi a tsona a iswang Sehalalelong ke moprista e moholo bakeng sa sebe, ditopo tsa tsona di tjheswa kantle ho diahelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 13:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele nama ya poho, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o di tjhese kantle ho diahelo; ke sehlabelo sa sebe.


O ntoo nka poho ya sehlabelo sa sebe, o e tjhese nqalong e beilweng ya ntlo, kantle ho sehalalelo.


Pohwana ya sehlabelo sa sebe, le phooko ya sehlabelo sa sebe, tseo madi a tsona a isitsweng sehalalelong ho ba pheko, di tla thothelwa kantle ho diahelo, mme matlalo, le dinama, le meswang ya tsona di tla tjheswa ka mollo.


O tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding ho thothela molora kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng.


Empa ho ke ke ha jewa sehlabelo sa sebe leha se le seng seo madi a mang a sona a iswang tenteng ya pokano, ho etswa pheko sehalalelong: se tla tjheswa ka mollo.


Nama le letlalo a di tjhesetsa kantle ho diahelo.


Bara ba Aarone ba mo tlisetsa madi; a qopetsa monwana wa hae mading, a a bea manakeng a aletare; a ntoo tshollela fatshe aletareng madi a setseng.


Le tla se nea moprista Eleasare, a se ntshe diahelong; mme se tla bolawa pela hae.


Moprista o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlatswa mmele wa hae metsing, a ntoo boela diahelong; empa e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ