Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 11:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Basadi ba boetse ba newa ka tsoho bafu ba bona. Ba bang ba hlokofaditswe ka sehloho, ba hana ho lokollwa, ba tle ba bone tokoloho e fetisang tsohong ya bafu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Basadi ba boela ba kgutlisetswa bafu ba bona ba tsohileng bafung. Empa ba bang, e le hore ba tle ba tsohele bophelo bo botle ka ho fetisa, ba ile ba hana ho lokollwa, ba shwela ditlhokofatsong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Basadi ba amohela bafu ba bona ba tsohile bafung; gore ba tle ba bone tsogo e e gaisang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Basadi ba amohela bafu ba bona ba tsohile bafung; gore ba tle ba bone tsogo e e gaisang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 11:35
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane tsohong ya bafu, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi a Modimo lehodimong.


Hobane mohla ho tsohuwang bafung, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi mahodimong.


mme o tla ba motho ya lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka o buseletsang sona; mme tsa hao di tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.


Hobane ha ba sa tla hlola ba eshwa; hobane ba tla tshwana le mangeloi, mme e tla ba bara ba Modimo, ha e se e le bara ba tsoho.


mme ba tla tswa ho wona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, mme ba entseng hampe ba tsohele tsuo.


Yaba ba neng ba ya mmotsa ka ho mo shapa, ba phakisa ba tloha ho yena, mme molaodi wa sekete le yena a tshaba, ha a utlwa hore ke Moroma, kahobane a ne a mo tlamile.


Jwale Pauluse ka ho tseba hore ba bang ho bona ke basadusi, ba bang ke bafarisi, a phahamisa lentswe hara lekgotla, a re: Banna ba heso, nna ke mofarisi, mora wa mofarisi, ke ahlolwa ka baka la tshepo le la tsoho ya bafu.


Ke na le tshepo ho Modimo, eo le bona ba nang le yona, ya hore tsoho ya bafu e tla ba teng, ya ba lokileng le ya ba sa lokang.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?


Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela.


Mme etlare ha ho bolang hona ho apere ho sa boleng, le ho shwang hona ho apere ho sa shweng, ke moo polelo e ngodilweng e tla phetheha, e itseng: Lefu le metsitswe ke hlolo.


hore mohlomong le nna nke ke fihlele tsoho ya bafu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ