Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 11:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ka tumelo, ba kile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja e le lefatshe le omileng; mme Baegepeta ha ba leka ho etsa jwalo, ba nkwa ke metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ka tumelo Baiseraele ba ile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba tsamaya mobung o ommeng; athe Baegepeta ba ileng ba leka ho ba etsisa, le ile la ba metsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Ka tumelo ba tshetse Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba le mobung o omileng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Ka tumelo ba tshetse Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba le mobung o omileng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 11:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa arole lewatle kapele ho bona, ba ba ba tshela lewatle ka tsela e omileng; ba ba phalletseng wa ba dihela madibeng, jwaloka eka ke lejwe le dihelwang metsing a matla.


O ile wa pshesa bodiba ba lewatle, ba tshela noka ka maoto, ra ba ra ithabela ho wona.


Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;


Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.


Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme lewatle la kgutlela tulong tsa lona ha bosiu bo esa; Baegepeta ha ba se ba baleha, ba kgahlana le lona, mme Jehova a dihela Baegepeta hara lewatle.


Hobane re utlwile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Lewatle le Lefubedu pela lona kateng, mohla le tswang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabedi a Baamore kateng, ba mose wane wa Jordane, e leng Sihone le Oge, bao le ba timeditseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ