Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ka tumelo, o kile a tloha Egepeta, a sa tshabe bohale ba morena, kahobane o ne a tiya jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ka tumelo a tswa Egepeta, a sa tshoswe ke kgalefo ya kgosi; a tiisetsa jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Ka tumelo a tloha Egepeta, a sa tshabe kgalefo ya morena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ka tumelo a tloha Egepeta, a sa tshabe kgalefo ya morena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 11:27
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke beile Jehova pela ka kamehla; nke ke ka sisinyeha, hobane o lehlakoreng la ka le letona.


Bahlanka bana ba hao kaofela ba ya tla ho nna, ba iname ho nna, ba re: Tswa, wena, le setjhaba sohle se o setseng morao; mme e be hona ke tswang. Yaba Moshe o tloha ho Faro, a tletse bohale.


Le tle le e je ka mokgwa ona: le itlamile matheka, le rwetse dieta tsa lona maotong a lona, le tshwere lere la lona matsohong a lona, le e je le potlaka: ke Paseka ya Jehova.


Bana ba Iseraele kaofela ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng; ba fela ba etsa jwalo.


Jehova a re ho Moshe naheng ya Midiane: Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho kaofela ba neng ba batla bophelo ba hao ba shwele.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


ba mpa ba se na motso ka ho bona, e le ba motsotso o se okae feela; mme ha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, ba phakise ba kgoptjwe.


Hobane Davida ha a mmolela, o itse: Ke beile Morena kamehla pela mahlo a ka, hobane o letsohong la ka le letona, ke tle ke se ke ka sisinngwa.


Le mamella tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le jara tsohle.


ha re fela re sa tadime tse bonahalang, re mpa re tadima tse sa bonahaleng; hobane tse bonahalang ke tsa mehla ena feela: empa tse sa bonahaleng ha di ka ke tsa eba le bofelo.


Ke yena e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la tsohle tse hlodilweng.


Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!


e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!


Le nne le hopole mehla ya pele, eo eitseng hobane le bonesetswe, la hla la mamella ntwa e kgolo ya bohloko.


Jwale, tumelo ke tshepiso e tiileng ya dintho tse lebeletsweng, ke pontsho e kgodisang ya tse sa bonweng.


Bao bohle ba shwele ka tumelo, ba eso ho newe tseo ba di baletsweng, ba mpa ba di bonetse hole, ba di dumetse, ba di dumedisitse, mme ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatsheng.


Mme Abrahama, hoba a lebelle ka sebete, ke moo a neilweng seo a neng a se baletswe.


Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ