Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 10:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ka nqa e nngwe, la hoboswa pepeneneng ka mahlapa le ka dihloriso, mme ka nqa e nngwe la ba balekane ba ba etswang tse jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Ka nako e nngwe le ile la fetolwa se-bonwang-se-bonwa-ke-bohle ka ho hlapaolwa le ka ho hloriswa; ka nako e nngwe la etswa balekane ba ba etswang tse jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 Ha e le hantle, ha le ne le entswe sebohi ka dinyefolo le dihloriso; mme ka nqa e nngwe, le ntse le le balekane ba ba neng ba tlwaetse ho etsa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Ha e le hantle, ha le ne le entswe sebohi ka dinyefolo le dihloriso; mme ka nqa e nngwe, le ntse le le balekane ba ba neng ba tlwaetse ho etsa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 10:33
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele, mme dinyefolo tsa ba o nyefolang di nkwela hodimo.


Ho ba bangata ke ka mohlolo; empa wena o setshabelo sa ka se matla.


Oho Modimo, tsoha, o eme, o emele nyewe ya hao! Hopola kamoo lewatla le ntseng le o nyefola kateng ka matsatsi wohle!


Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!


o elellwe le ditshomo tsa dira tsa hao, Jehova, e leng ditshomo tse somang mehato ya motlotsuwa wa hao!


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


ke tla akgela ditshila hodima hao, ke tla o tlotlolla, ke o etse ntho e babatsehang;


Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!


Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.


Leha ho le jwalo, le entse hantle, ha le nthusitse bohloking ba ka.


Hobane, banabeso, le bile baetsisi ba dikereke tsa Modimo tsa Judea, tse leng ho Jesu Kreste; hobane efela le lona le utlwisitswe ke ba setjhaba sa heno bohloko bo le bong le boo di bo utlwisitsweng ke Bajuda;


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna ke leng moholehuwa wa hae, empa o inkele kabelo bohlokong ba Evangeli ka matla a Modimo,


a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.


Ba bang ba tshwenyehile ka ditshomo, le ka ho shapuwa, le ka ditlamo, le ka diteronko.


Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe.


Ka baka leo, re ke re tsweleng ho yena kantle ho setsha sa ditente, re ntse re jere sekgobo sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ