Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 10:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 e leng tsela e ntjha e isang bophelong, eo a re hleketseng yona, e phunyang lesira, ke ho re, nama ya hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Re na le tsela e ntjha, e phelang, eo a re buletseng yona ka ho phunyeletsa lesira, e leng botho ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 ka tsela e ntjha, e phelang, eo a re kgethetseng yona, e phunyeletsang lesira, ke ho re, nama ya hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ka tsela e ntjha, e phelang, eo a re kgethetseng yona, e phunyeletsang lesira, ke ho re, nama ya hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 10:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla hlabela setjhaba phooko ya sehlabelo sa sebe; o tla isa madi a yona kamora lesira, mme o tla etsa ka madi ao jwalokaha a entse ka madi a pohwana, o tla foka ka wona hodima sekwahelo, le pela sona.


Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.


Feela, a se ke a atamela pela lesira, leha e le pela aletare, hobane o na le sekodi; a se ke a tlotlolla meaho ya ka e halalelang, hobane ke nna Jehova ya e halaletsang.


Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;


Yaba lesela la tempele le hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase.


Letsatsi la fifala, mme lesela la tempele la hahoha ka lehare.


Jesu a boela a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ke nna monyako wa dinku.


Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;


Mme kamora lesira la bobedi, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitswang sehalaledisiso;


Moya o Halalelang o ne o re bontsha ka hoo hobane tsela ya sehalaledisiso e ne e eso ho ka e bulwa, ha tabernakele ya pele e ne e sa eme.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Tsebang Moya wa Modimo ka hona: Moya o mong le o mong o bolelang Jesu Kreste ya tlileng nameng, ke wa Modimo;


Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng. Ya jwalo ke mothetsi le antikreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ