Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 6:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa feela, motho a tle a se ke a ntshwabisa, hobane ke jere mabote a Morena Jesu mmeleng wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ho tloha jwale ho se be ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le mehwabadi e bontshang hore ke wa Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Ho tloha jwale, ho se be motho ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le matshwao a Morena Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ho tloha jwale, ho se be motho ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le matshwao a Morena Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 6:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong o tla re: Ke wa Jehova. E mong o tla ipitsa ka lebitso la Jakobo, e mong a ingolle Jehova hodima letsoho la hae, a rorise lebitso la Iseraele.


mme Jehova a re ho yena: Pholletsa ka motse, ka Jerusalema, o tshwaye diphatla tsa batho ba fehelwang, ba bobolang ka baka la manyala wohle a etswang hara wona.


Erekaha re utlwile hobane ba bang ba tswileng ho rona ba le tshositse ka dipolelo tsa bona, ba sisinya meya ya lona, ba re, le bolle, mme le boloke molao, athe ha re a ka ra ba laela;


Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atetse, le wona matshediso a re atetse ka Kreste.


re jara lefu la Morena Jesu hohle mmeleng wa rona, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahale mmeleng wa rona.


e seng hore e nngwe e teng, empa batho ba teng ba le ferekanyang, mme ba rata ho sokanya Evangeli ya Kreste.


ke tle ke tsebe Jesu Kreste, le matla a tsoho ya hae, le ho kopana le yena mahlomoleng a hae, ke tle ke tshwane le yena lefung la hae;


Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.


Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.


Mme sa etsa hore batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba fumanehileng, ba sa ruwang le ba ruilweng, ba amohele letshwao letsohong le letona la bona, leha e le phatleng tsa bona;


le hore ho se be motho ya ka tsebang ho reka, leha e le ho rekisa, ha a se na letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ