Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane ho Jesu Kreste ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be mmopuwa e motjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ho bolla kapa ho se bolle hase letho; tabataba ke ho ba mmopuwa e motjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho, empa e le sebopuwa se setjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho, empa e le sebopuwa se setjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 6:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ekare ha leqai le boloka ditaelo tsa molao, na boqai ba lona bo ke ke ba balwa jwaloka hoja ke lebollo na?


Hobane eo e leng Mojuda, hase eo e leng yena kantle, le lebollo hase le etswang kantle, nameng;


Ka baka leo, re ile ra patwa le yena ka ho kolobeletswa lefung, hore, jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha.


Ha ho le jwalo, ha ho sa le tsuo jwale leha e le nngwe ho ba leng ho Jesu Kreste, e leng ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka moya.


Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.


Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.


O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;


le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.


hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.


Hobane setjhaba sohle, se neng se tswile, se ne se bolotse empa setjhaba sohle se neng se tswaletswe tseleng hara nahathothe, ha ho se ho tswilwe Egepeta, se ne se sa ka sa bolla.


Jwale ya dutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A ntoo re ho nna: Ngola; hobane dipolelo tseo di tiile; ke tsa nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ