Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho; empa tumelo e sebetsang ka lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho; empa tumelo e sebetsang ka lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 5:6
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane o rata setjhaba sa rona, e bile ke yena ya re hahetseng sinagoge.


Mme jwale, tse tharo tsena di a sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.


Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;


Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.


Hobane ho Jesu Kreste ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be mmopuwa e motjha.


Kgotso, le lerato, le tumelo di be le baena, di etswa ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste!


re ntse re utlwa tumelo ya lona ho Jesu Kreste, le lerato la lona ho bahalaledi bohle,


Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.


Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;


Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.


Hobane setjhaba sohle, se neng se tswile, se ne se bolotse empa setjhaba sohle se neng se tswaletswe tseleng hara nahathothe, ha ho se ho tswilwe Egepeta, se ne se sa ka sa bolla.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ