Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane molao wohle o phethahetse tabeng e le nngwe, e reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane molao wohle o phethehile ka lentswe le le leng; U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane molao wohle o phethehile ka lentswe le le leng; U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 5:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.


le etse moditjhaba jwalokaha le etsa ya tswaletsweng ha habo lona, mme le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.


Mme wa bobedi o tshwanang le wona ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ha ho molao o moholo ho yona eo.


mme ho o rata ka pelo yohle, le ka kgopolo yohle, le ka moya wohle, le ka matla wohle, le ho rata wa habo motho jwaloka ha motho a ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo wohle.


Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona.


Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, la phakisa ho fetela Evangeling esele;


Jarelanang diphahlo, mme le phethe jwalo molao wa Kreste.


Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ