Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Hobane, banabeso, le bileditswe tokolohong; feela le se ke la sebelisa tokoloho molemong oa nama, empa le sebeletsane ka lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Hobane, banabeso, le bileditswe tokolohong; feela le se ke la sebelisa tokoloho molemong oa nama, empa le sebeletsane ka lerato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 5:13
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Moya wa Morena o ho nna, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho fodisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehilweng hore ba tla lokollwa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hloriswang sebaka sa ho ikela,


Ke le bontshitse nthong tsohle hobane ke ka ho sebetsa jwalo ho tshwanetsweng ho thuswa bafokodi, le ho elellwa taba ya Morena Jesu, eo a e boletseng ka sebele sa hae, ha a re: Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuwa.


Le mpe le iponele esere mohlomong tokoloho ya lona e ka kgopisa ba fokolang.


Hobane leha ke le ya sa ruwang ke motho, ke ikentse mohlanka wa bohle, ke tle ke rue ba bangata.


Mme haele nna, nke ke ka kganana ho ntshetsa le ho ntshetswa meya ya lona; leha ke ratwa hanyenyane, ke ntse ke le rata haholo.


Ke le rapela ke hona, ke re, le ke le mmontshe lerato la lona;


Mme Morena ke Moya; mme moo Moya wa Morena o leng teng, tokoloho e teng.


Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.


E ne e le ka baka la baena ba bohata ba kgukgunetseng hara rona ba sa lemohuwe, mme ba nanaretse ho tla hlwela tokoloho eo re nang le yona ho Jesu Kreste, ba tle ba re busetse botubong.


Athe ho ngodilwe hore Abrahama o bile le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi ya rekilweng, e mong e le wa mosadi ya sa rekwang.


Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la bofjwa jokong ya bohlanka.


Hobane molao wohle o phethahetse tabeng e le nngwe, e reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.


Jarelanang diphahlo, mme le phethe jwalo molao wa Kreste.


Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tshaba Kreste.


Ha re lese ho hopola ho sebetsa ha tumelo ya lona le phehello ya lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena Jesu Kreste, pela Modimo, Ntata rona;


Etsang ka mokgwa o tshwanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tshireletso ya bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Modimo.


ba ba tshepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola; hobane seo motho a hlolwang ke sona, o fetoha mofo wa sona le hona.


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ