Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme nna, banabeso, hoja ke sa bolela lebollo, ekaba ke sa hlorisetswang? Athe kgopiso ya sefapano e ka be e tlohile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ha e le nna, bana beso, haeba ke ntse ke ruta tsa lebollo, keng ha ke sa ntse ke hloriswa? Hoja ho jwalo, kgopiso ya sefapano e ka be e fedisitswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Haele nna, banabeso, haeba ke sa ntse ke bolela lebollo, ke sa ntse ke hlorisetswang? joale e be khopiso ea sefapano e felile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Haele nna, banabeso, haeba ke sa ntse ke bolela lebollo, ke sa ntse ke hlorisetswang? joale e be khopiso ea sefapano e felile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 5:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Pauluse a rata hoba a tsamaye le yena, a ba a mo nka, a mmolotsa ka baka la Bajuda ba neng ba le teng naheng tseo; hobane ba ne ba tseba kaofela hore ntatae ke Mogerike.


Ba boleletswe, ho thwe, o ruta Bajuda bohle ba ditjhabeng ho kgaohana le Moshe, o re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, mme ba se ke ba ya ka mekgwa ya bona.


ba howa, ba re: Banna ba Iseraele, tlatsang; suna motho ya ntseng a ruta batho kaofela kahohle thuto e lwantshang setjhaba, le molao, le nqalo ena; o bile o ekeditse ka ho tlisa Bagerike tempeleng, o bile o silafaditse nqalo ena e halalelang.


Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.


empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.


Mme le rona re ipeile dikotsing keng ka dinako tsohle?


Empa esita le Tite ya neng a na le nna, leha e ne e le Mogerike, ha a ka a phehellelwa ho bolla.


Jo! Bagalata, mawatla ting! na le loilwe ke mang, ha le tla lesa ho utlwa nnete, lona bao Jesu Kreste a kileng a tshwantshwa pela mahlo a lona, jwaloka hoja a thakgisitswe hara lona?


Mme jwalokaha, mohlang oo, ya tswetsweng ka nama a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.


Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ba le phehella ho bolla, hore ba tle ba se ke ba hlorisetswa sefapano sa Kreste.


Empa feela, motho a tle a se ke a ntshwabisa, hobane ke jere mabote a Morena Jesu mmeleng wa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ