Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 4:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Empa Lengolo le reng? Le re: Lelekisa ya rekilweng le mora wa hae; hobane mora wa ya rekilweng e ke ke ya eba mojalefa hammoho le mora wa ya sa rekwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Feela Mangolo a reng? A re: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba a ke ke a ba mojalefa le mora wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Leha ho le jwalo, Lengolo le reng? Leleka lekgoba le mora wa lona, hobane mora wa lekgoba a ke ke a ja lefa hammoho le mora wa mosadi ya lokolohileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Leha ho le jwalo, Lengolo le reng? Leleka lekgoba le mora wa lona, hobane mora wa lekgoba a ke ke a ja lefa hammoho le mora wa mosadi ya lokolohileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 4:30
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlanka a ke ke a nna a dula hae kamehla, empa mora ke yena ya dulang teng kamehla.


Modimo ha o a lahla setjhaba sa wona, seo o se tsebileng pele. Na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang hodima Elia, kamoo a llileng ho Modimo kateng, ka Iseraele, a re:


Hobane Lengolo le reng? Le re: Abrahama a dumela ho Modimo, mme a ballwa tumelo eo hoba ke ho loka.


Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Mme lengolo, ka ho iponela pele hoba Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, le boleletse Abrahama Evangeli eo pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofalla ho wena.


Athe ho ngodilwe hore Abrahama o bile le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi ya rekilweng, e mong e le wa mosadi ya sa rekwang.


Ka baka leo, banabeso, ha re bana ba ya rekilweng, empa re le ba ya sa rekwang.


Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ