Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Bao leha ba le tjhesehetse, ha ba le tjhesehele hantle; ba mpa ba rata ho re kwallela ntle, hore le tle le ba tjhesehele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ba bang ba a le thahasella, empa e seng ka mokgwa o motle; ba mpa ba rata ho le arohanya le nna, hore le tle le thahaselle bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Ba le tjhesehela ka tjheseho, empa e seng hantle; ee, ba ka le qhelela ka thoko, hore le tle le ba ame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ba le tjhesehela ka tjheseho, empa e seng hantle; ee, ba ka le qhelela ka thoko, hore le tle le ba ame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 4:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le tsamaya le lewatle le lefatshe lohle ho etsa morutuwa a le mong, mme ha a se a entswe, le mo etsa ngwana wa dihele habedi ho fetisa lona.


Hobane ke paki ya bona, ya hore ba na le tjheseho ho Modimo, empa e seng ka kelello.


Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.


Ke a le boka, banabeso, kahobane le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka dithuto kamoo ke le neileng tsona kateng.


Ba bang ho lona ba ikgantshitse jwaloka hoja ke sa tlo hlola ke eya ho lona.


Le se le kgotshe, le se le enne, le se le busitse kantle ho rona; hoja le ka fela la busa, le rona re tle re buse hammoho le lona!


Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.


Hleka ke fetohile sera ho lona, ka ho le bolella nnete na?


Ke ntho e ntle ho tjhesehela botle kamehla, e seng mohla ke leng teng ho lona feela.


Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste.


Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ