Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 2:20
65 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nna ke wa moratuwa wa me, lerato la hae le lebile ho nna.


jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Yaba moleki o mo atamela, a re: Ha o le Mora Modimo, ere, majwe ana a fetohe mahobe.


Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.


Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae.


Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae.


bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile.


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong.


Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le yena ya jang nna o tla phela ka nna.


Mme re dumetse, ra ba ra tseba hobane ke wena Kreste, Mokgethwa wa Modimo!


Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na?


A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.


Hobane ho loka ha Modimo ho kwaholotswe ka ho yona, ho tswang tumelong ho isang tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Hobane ha ho motho ho rona ya iphelelang, mme hape ha ho motho ya itjhwellang.


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.


e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.


Efela, ha re ne re se na matla, Kreste a shwa ka nako e tshwanelang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Modimo.


Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.


Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.


Mme jwale, ha re shwele le Kreste, re a dumela le hona hobane re tla phela le yena,


Empa Kreste ha a le ka ho lona, mmele wona o shwele ka baka la sebe, empa moya wona o a phela ka baka la ho loka.


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


Mme ya ikopanyang le Morena, o iketsa moya o le mong le yena.


e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.


Hobane leha re tsamaya re le nameng, ha re lwane ka nama;


Ke ometse ka nnete ya Kreste, e leng ho nna, hoba nke ke ka amohuwa sebaka seo sa ho ithorisa seo ke nang le sona mafatsheng a Akaea.


haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona.


Itekoleng e le lona, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lona; na ha le itemohele hoba Kreste o ka ho lona, haese hoba mohlomong le le ba se nang ho amohelwa!


Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;


mme o shwele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya shweleng, a ba a tsoha bakeng sa bona.


ya iteletseng dibe tsa rona, a tle a re namolele lefatsheng la jwale le lebe, ka ho rata ha Modimo, Ntata rona.


athe ka ho tseba hobane motho ha a bewe ya lokileng ke mesebetsi ya molao, empa e le ka ho dumela ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, re tle re bewe ba lokileng ke ho dumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ya molao; hobane ha ho motho ya tla bewa ya lokileng ke mesebetsi ya molao.


Mme haele hoba ha ho motho ya ka bewang ya lokileng pela Modimo ke molao, ho a bonahala; kahobane ho itswe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Mme bao e leng ba Kreste, ba thakgisitse nama, le dithato, le ditakatso tsa yona.


Haele nna, ho ithorisa ho be hole le nna, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka yena lefatshe le thakisitsweng ka nqeng ya ka, le nna ke thakigisitsweng ka nqeng ya lefatshe.


Kreste a tle a ahe dipelong tsa lona ka tumelo;


mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha Kreste le yena a ratile kereke, mme a iteletse lefu ka baka la yona;


Hobane ho nna ho phela ke Kreste, mme ho shwa ke moruo.


bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba, e leng hoba Kreste o ho lona, yena e leng tshepo ya kganya.


le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.


ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Hobane moprista e moholo e mong le e mong o ye a bewe ho hlahisetsa Modimo dinyehelo le mahlabelo; ka baka leo, e ka kgona eo le yena a be le seo a se hlahisang.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


Mme rona re bone, hape re bile re dipaki tsa hobane Ntate o romile Mora wa hae, e tle e be Mmoloki wa lefatshe.


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ