Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa eitse ha ke lemohile hobane ha ba hate ka ho loka nneteng ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ho bohle: Hleka wena, o leng Mojuda, ha o etsa ka mokgwa wa baditjhaba, e seng ka wa Bajuda, le phehellelang baditjhaba ho etsa ka Bojuda na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Yare ha ke bona hore ha ba tsamaye ka nnete ya molaetsa o molemo, ka re ho Kefase, mahlong a bona bohle: “Ha wena, o leng Mojuda, o phela jwaloka moditjhaba, e seng jwaloka Mojuda, ho ya kang ha o qobella baditjhaba ho phela jwaloka Bajuda?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Eitse ha ke bona hobane ba sa tsamaye ka ho loka ho ya ka nnete ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ya bohle: Ekare ha wena, o leng Mojuda, o phela ka mokgwa wa Baditjhaba, e seng jwaloka Bajuda, ke ka baka lang o qobellang badumedi? Balichaba ho phela joaloka Bajuda?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Eitse ha ke bona hobane ba sa tsamaye ka ho loka ho ya ka nnete ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ya bohle: Ekare ha wena, o leng Mojuda, o phela ka mokgwa wa Baditjhaba, e seng jwaloka Bajuda, ke ka baka lang o qobellang badumedi? Balichaba ho phela joaloka Bajuda?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 2:14
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.


Ke ya phelang ka bokgabane, a etsa ho lokileng, a bolela nnete kamoo e leng pelong ya hae kateng.


Fale le tla nne le ikgutsetse na? Na ha le tumise ho loka keng na? A le tla ahlola ka tokelo, lona bana ba batho?


Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.


Ya tsamayang ka ho loka o tsamaya ka kgotso; empa ya kgopamisang metsamao ya hae o a tsebahala.


O bolokela ba lokileng poloko, ke thebe ho ba tsamayang ka ho loka.


O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.


A re ho bona: Le a tseba hobane motho wa Mojuda ha a dumellwe ho kopana le moditjhaba, leha e le ho kena ha hae; empa Modimo o nkeleditse hobane ke se ke ka re, motho e mong o ditshila, leha e le ho re, ha a hlweka.


Ba bang ba neng ba etswa Judea, ba ruta baena, ba re ho bona: Ekare ha le sa bolle ka mokgwa wa Moshe, ha le ka ke la bolokeha.


Erekaha re utlwile hobane ba bang ba tswileng ho rona ba le tshositse ka dipolelo tsa bona, ba sisinya meya ya lona, ba re, le bolle, mme le boloke molao, athe ha re a ka ra ba laela;


Yaba ba bang ba thuto ya bafarisi ba dumetseng ba ema, ba re: E ka kgona baditjhaba ba bolle, mme ba laelwe ho boloka molao wa Moshe.


Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena.


Yare ho feleng ha dilemo tse tharo, ya eba hona ke nyolohelang Jerusalema ho ya tsebana le Kefase, mme ka dula ha hae ditshiu tse leshome le metso e mehlano.


Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, la phakisa ho fetela Evangeling esele;


Empa esita le Tite ya neng a na le nna, leha e ne e le Mogerike, ha a ka a phehellelwa ho bolla.


Empa ha re a ka ra ba suthela sebaka, leha e le ho ba dumella le ka nakwana e le nngwe, nnete ya Evangeli e tle e dule ho lona e tiile.


Tjhe, empa yare ha ba bona hoba ke abetswe ho bolella ba sa bollang Evangeli, jwalokaha Petrose a abetswe ba bolotseng —


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ba le phehella ho bolla, hore ba tle ba se ke ba hlorisetswa sefapano sa Kreste.


ka baka la tshepo eo le e beetsweng mahodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete la Evangeli


Ba etsang dibe, o ba kgalemele pela bohle, ba bang ba tle ba be le tshabo.


mme le etsetse maoto a lona ditsela tse lokileng, hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri, se mpe se fole.


e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ