BaFilipi 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Haele ka ho hong, banabeso, le ithabele Moreneng. Ha ke kgathale ke ho le ngolla ditaba di le ding, mme ke ntho e le tiisang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE1 Jwale, bana beso, ke re: Thabang ka ho ba ho Morena. Ha ke tswafe ho pheta seo ke ileng ka le ngolla sona, etswe hona ho tla etsa hore le se tsebisise. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT1 Qetellong, barab’eso, le thabele Morena. Ho le ngolla tsona tseo, ho ’na ha ho nkutloisitse bohloko, empa ho lōna hoa le sireletsa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 20241 Qetellong, barab’eso, le thabele Morena. Ho le ngolla tsona tseo, ho ’na ha ho nkutloisitse bohloko, empa ho lōna hoa le sireletsa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
empa ke pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, o tla ja tseo, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, mme o tla nyakalla pela Jehova, Modimo wa hao, ka tsohle tseo o di ruileng ka matsoho a hao.
O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.