Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jothame a tsebiswa hoo, a ba a ya ema qhoweng ya thaba ya Gerisime, a phahamisa lentswe la hae, a howa, a re ho bona: Nkutlweng, beng ba Sikeme, Modimo o tle o le utlwe le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ha Jotame a bolellwa tsena a nyoloha, a fihla a ema tlhorong ya thaba ya Gerisime. A howeletsa, a re ho banna ba Shekeme: “Mmameleng, lona banna ba Shekeme, e le hore Modimo a tle a le mamele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho bona: A le keng le mamele toro ena eo ke e lorileng.


Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.


Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.


Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.


Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema.


Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a o kenye lefatsheng leo o yang ho le rua, o tle o bolele hlohonolofatso thabeng ya Gerisime, le thohako thabeng ya Ebale.


Thaba tseo, ha ke re, di mose wane, ho Jordane, kamora tsela e lebileng nqa bophirimatsatsi, naheng ya Bakanana ba ahileng lehwatateng, mabapa le Gilgale, haufi le dieike tsa More?


Etlere ha le tshetse Jordane, ba tla ema thabeng ya Gerisime ho hlohonolofatsa setjhaba e be bana: Simeone, Levi, Juda, Issaskare, Josefa le Benjamine.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le matona a bona, le baahlodi ba bona ba ema ka nqa tse pedi ho areka, mabapa le baprista, e leng Balevi ba jereng areka ya selekane sa Jehova, hammoho le baditjhaba, le Baiseraele ba hlaho; sehlopha se seng se ne se lebane le thaba ya Gerisime, sehlopha sa bobedi se lebane le thaba ya Ebale, kamoo Moshe, mohlanka wa Jehova, a neng a laetse kateng kgale, hore ba hlohonolofatse setjhaba.


Yaba beng bohle ba Sikeme, le bohle ba ntlo ya Millo, ba phutheha, ba ya, ba bea Abimeleke morena, haufi le eike ya seemahale se Sikeme.


Ka tsatsi le leng, difate tsa tloha ho ya itlotsetsa morena, tsa tla, tsa re ho mohlwaare: Eba morena wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ