Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:56 - Sesotho 1909/1961 (SO)

56 Modimo wa busetsa jwalo ho Abimeleke bobe boo a bo entseng ho ntatae, ha a ne a bolaile banababo ba mashome a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

56 Ka mokgwa o jwalo Morena a phetetsa bokgopo ba Abimeleke, boo a ileng a bo etsetsa ntatae, ka ho bolaya bana babo ba mashome a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:56
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho.


Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?


O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.


hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.


o tla busetsa ho bona moputso wa bokgopo ba bona, o ba fedise ka baka la bolotsana ba bona. Jehova, Modimo wa rona, o tla ba fedisa.


Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.


Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.


e le hore molato wa polao ya bara ba Jerubbaale ba mashome a supileng, le madi a bona a busetswe ho ngwanabo bona Abimeleke ya ba bolaileng, le ho beng ba Sikeme ba mo thusitseng ho bolaya banababo.


Mme banna ba Iseraele, eitse ha ba bona hobane Abimeleke o timetse, ba ikela e mong le e mong hae ha hae.


Modimo wa busetsa le dihloohong tsa banna ba Sikeme bobe bohle boo ba bo entseng. Thohako ya Jothame, mora Jerubbaale, ya ba hlahela jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ