Ke mang ya bolaileng Abimeleke, mora Jerubbeshethe? na hase mosadi ya kileng a akgela lejwe la lelwala, a le ka lerakong, Abimeleke a ba a shwela Thebetse na? ho ya kang, ha le atametse lerako hakalo na? Etlaba moo o reng: Le mohlanka wa hao Uria Mohethe o shwele.
Kahoo, batho bohle ba rema e mong le e mong lekala, ba latela Abimeleke; ba bea makala pela qhobosheane, mme ba tjhesa qhobosheane hammoho le ba leng ho yona. Batho bohle ba tora ya Sikeme ba eshwa jwalo, e batlile e eba sekete sa banna le basadi.
Tora e matla e ne e le teng kahare ho motse, moo banna le basadi bohle le baholo bohle ba motse ba neng ba balehetse teng. Eitse hobane ba ikwalle teng, ba hlwella marulelong a tora.