Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:49 - Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Kahoo, batho bohle ba rema e mong le e mong lekala, ba latela Abimeleke; ba bea makala pela qhobosheane, mme ba tjhesa qhobosheane hammoho le ba leng ho yona. Batho bohle ba tora ya Sikeme ba eshwa jwalo, e batlile e eba sekete sa banna le basadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

49 Batho bohle ba mo etsisa, e mong le e mong a ithemela lekala. Ba latela Abimeleke, ba tshetleha makala qhobosheaneng, ba tjhesa qhobosheane ka makala ao. Batho bohle ba neng ba le ka toreng ya Shekeme, bao e neng e ka ba banna le basadi ba sekete, ba eshwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:49
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ekare ha le lomana, mme le jana, iponeleng esebe la fedisana.


Hobane moo mona le kgang di leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi yohle e mebe.


Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.


Ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe ho Abimeleke, mme o je beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo; mollo o ke o tswe le ho beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo, mme o je Abimeleke!


Yaba Abimeleke o hlwa thabeng ya Tsalmone, a ena le batho bohle bao a nang le bona; Abimeleke a nka selepe ka letsoho la hae; a rema lekala la sefate, a le nka, a le bea lehetleng, a re ho batho bao a nang le bona: Phakisang le etse jwalokaha le mpone ke etsa.


Abimeleke a ntoo ya Thebetse, a thibella Thebetse, a o kena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ