32 Ha ho le jwalo, tsoha bosiu, wena le batho bao o nang le bona, mme o lalle naheng.
32 Ka baka leo, wena le batho ba ka ho wena, le tsohe bosiu, le ba lalle ka naheng.
O rera bokgopo diphateng tsa hae; o ya ka tsela e seng molemo; ha a na ho hloya bobe.
Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.
maoto a bona a lebelo ho ya tsholla madi;
Ebile Joshua o tloha, a ya le bahlabani bohle ho ya futuhela Ai; Joshua a kgetha banna ba bahale, ba kete tse mashome a mararo, a ba roma bosiu.
A ba laela, a re: Bonang, le etsetse motse mekgahlelo, kamora motse; le se ke la emela hole le motse, mme le itokise bohle.
A romela Abimeleke manqosa ka sephiring, a re: Bona, Gaale, mora Ebede, le banababo, ba tlile Sikeme, mme o ka bona, ba se ba o tsosetsa motse.
Ka meso, ha letsatsi le tjhaba, o tlohe, mme o patele motse; bona, Gaale le batho bao a nang le bona ba tla tswela ho o lwantsha, mme o tla mo etsa kamoo o tla hopola kateng.