Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “Empa leoka la re ho difate: ‘Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:15
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Joase, morena wa Iseraele, a romela ho Amatsia, morena wa Juda, a re: Tshehlo ya Lebanone e kile ya romela ho kedare ya Lebanone, ya re: Neela mora ka moradi wa hao, e be mosadi wa hae. Empa ha feta dibatana tsa naha, tsa Lebanone, tsa hatakela tshehlo.


Difate tsa Jehova di kgotshe, e leng dikedare tsa Lebanone tseo a di hlomileng,


Lentswe la Jehova le robakanya dikedare; Jehova o robakanya dikedare tsa Lebanone,


Morui o tla fetoha twala, mosebetsi wa hae e be hlase ya mollo, ba tla tjha hammoho, ya ba timang o tla hlokahala.


Le behetswe ho kokobetsa dikedare kaofela tsa Lebanone tse telele kaofela, tse phahameng, le dieike tsohle tsa Bashane,


ba theohelang Egepeta, ba eso ho botse molomo wa ka, ba tle ba balehele tshirelong ya Faro, ba itshirele ka moriti wa Egepeta.


O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


Eo e neng e le phefumoloho ya dinko tsa rona, e leng motlotsuwa wa Jehova, o tshwasitswe lemeneng la bona, e le eo re neng re re, re tla phela moriting wa hae hara ditjhaba.


Mollo o tswile thupeng tsa makala a wona, wa ba wa eja ditholwana tsa wona; ha ho sa le lekala le matla, leha e le lere la ho rena. Ke yona kodiyamalla, e tla nne e be kodiyamalla.


Bona, Assiria e ne e le kedare ya Lebanone, e ntle mahlomeleng a yona, e etsetsang moru moriti, e telele ho holeng ha yona, eo ntlha ya yona e neng e bonahala hara maru.


mahlaku a sona a le matle, ditholwana tsa sona di le ngata, se ena le dijo tsa bohle; diphoofolo tsa naha di ne di etla moriting wa sona, dinonyana tsa lehodimo di ne di haha makaleng a sona, dibopuwa tsohle di ne di bona dijo ho sona.


Ba ahileng moriting wa hae ba tla tsosa koro, ba thunye jwaloka morara; ho tuma ha hae ho be jwalokaha morara wa Lebanone.


Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.


Efela e le yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e hodile, e siya meroho e meng, e fetohe sefate, moo dinonyana tsa lehodimo di tlang, mme di aha makaleng a sona.


Yaba difate tsohle di bolella moutlwa, tsa re: Tloo, wena, o be morena wa rona.


Jwale, ha ekaba le entse ka nnete le ka bokgabane, ha le beile Abimeleke morena, mme ha ekaba le re, le entse Jerubbaale le ntlo ya hae hantle, la busetsa ho yena ka tshwanelo ya mosebetsi wa matsoho a hae,


Ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe ho Abimeleke, mme o je beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo; mollo o ke o tswe le ho beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo, mme o je Abimeleke!


Abimeleke le dihlopha tseo a nang le tsona ba titima, ba fihla kgorong ya motse; hlopha tse pedi tse ding tsona tsa phallela bohle ba naheng, tsa ba bolaya.


Kahoo, batho bohle ba rema e mong le e mong lekala, ba latela Abimeleke; ba bea makala pela qhobosheane, mme ba tjhesa qhobosheane hammoho le ba leng ho yona. Batho bohle ba tora ya Sikeme ba eshwa jwalo, e batlile e eba sekete sa banna le basadi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ