Empa Joase, morena wa Iseraele, a romela ho Amatsia, morena wa Juda, a re: Tshehlo ya Lebanone e kile ya romela ho kedare ya Lebanone, ya re: Neela mora ka moradi wa hao, e be mosadi wa hae. Empa ha feta dibatana tsa naha, tsa Lebanone, tsa hatakela tshehlo.
Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.