Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Eitse hobane Gideone a timele, bana ba Iseraele ba boela ba itshela bootswa ka boBaale, mme ba ipeela Baale-Berithe ho ba modimo wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Yare hanghang hoba Gideone a shwe, bana ba Iseraele ba kwenehela Morena hape, ba sebeletsa bo-Baale, ba iketsetsa Baale-Berite hore e be modimo wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:33
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joase a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka ditshiu tsohle tseo moprista Jehojada a mo eleditseng ka tsona;


Na ba na le kgopolo ya hore ba lebatse setjhaba sa ka lebitso la ka ka ditoro tsa bona tseo ba di bolelang e mong le e mong ho molekane wa hae, jwaloka bontata bona ba kileng ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale na?


Ka bofebe bo tumileng ba hae, Iseraele o silafaditse lefatshe; o febile le lejwe le sefate.


Haele bana ba Iseraele, ba nnile ba sebeletsa Jehova tshiung tsohle tsa Joshua, le tshiung tsohle tsa baholo ba kileng ba hlahlama Joshua, hobane a shwe, ba kileng ba tseba ketso tseo Jehova a neng a di etseditse Iseraele.


Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova; ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe, le medimo ya Siria, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Ammone, le medimo ya Bafilesta; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa.


Ba furalla Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta, mme ba latela medimo esele, e leng medimo ya ditjhaba tse ba teetseng hare, ba e kgumamela, mme ba halefisa Jehova.


Le teng, ba se ke ba mamela baahlodi ba bona, ba nna ba ineela medimo esele, ba e kgumamela; ba phakisa ba kgeloha tsela eo bontata bona ba neng ba tsamaile ka yona, ha ba ntse ba mamela ditaelo tsa Jehova; empa bona ba se ke ba etsa jwalo.


Enere moahlodi eo ha a timetse, ba ne ba boela ba itshenya le ho feta bontata bona, ka ho latela medimo esele hore ba e sebeletse le ho inama pela yona, ba sa lahle letho la mesebetsi ya bona le la metsamao ya bona e thata.


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, ba lebala Jehova, Modimo wa bona, ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe.


Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.


Gideone, mora Joase, a shwa, a se a tsofetse haholo, mme a patwa lebitleng la Joase ntatae, Ofra wa Baabiesere.


Ba tswela naheng, ba kotula masimo a bona a merara, ba hata ditholwana tsa yona, ba etsa dinyehelo; ba kena tlung ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.


Ba mo nea ditjhelete tse mashome a supileng tsa ntlo ya Baale-Berithe, mme ka tsona Abimeleke a lefa batho ba lefeela, ba mekgwa e mebe, hore ba tle ba mo latele.


Beng bohle ba tora ya Sikeme, ha ba utlwa hoo, ba kena qhobosheaneng ya ntlo ya Ele-Berithe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ