Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Gideone a ba le bara ba mashome a supileng ba tswileng thekeng la hae, hobane basadi ba hae ba kile ba eba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:30
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, o tla kgomarela mosadi wa hae, mme e tla ba nama e le nngwe feela.


Batho kaofela ba tlileng le Jakobo Egepeta, ba tswileng lethekeng la hae, e ne e le batho ba mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng kantle ho basadi ba bara ba Jakobo.


Nowe a kena ka arekeng, a na le bara ba hae, le mosadi wa hae, le basadi ba bara ba hae le yena, ba tshaba metsi a morwallo.


A nyala basadi ba makgolo a supileng ba mafumahadi, a nka le direthe tse makgolo a mararo; basadi bao ba hae ba kgelosa pelo ya hae.


Akabe o ba a siile bara ba mashome a supileng Samaria. Jehu a ngola mangolo, a a romela Samaria ho ba lekgotla la Jisreele, ho baholo, le ho bahodisi ba bara ba Akabe, a re:


Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.


Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.


Hape, a se ke a nyala basadi ba bangata, pelo ya hae e tle e se ke ya kgeloha; silefera le kgauta a se ke a ipokellela tsona haholo.


O ne a na le bara ba mashome a mararo, ba kallang diesele tse mashome a mararo; ba ne ba na le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, e reilweng lebitso la Havvoth-Jaire le kajeno.


A ba le bara ba mashome a mane le ditloholo tse mashome a mararo, ba neng ba palama diesele tse mashome a supileng. A ahlolela Iseraele ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.


A ba le bara ba mashome a mararo; hape, a nyallwa baradi ba hae ba mashome a mararo, mme a batlela bara ba hae barwetsana ba mashome a mararo kahosele.


Serethe sa hae, se ahileng Sikeme, le sona sa mo tswalla moshanyana, mme a mo rea lebitso la Abimeleke.


Abimeleke, mora Jerubbaale, a ya Sikeme ho bomalomae, mme a bua le bona, a bua hape le bohle ba ntlo ya ntata mmae, a re:


athe kajeno, lona le kwenehetse ntlo ya ntate, le bile le bolaile bara ba hae, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng, mme le beile Abimeleke, mora lekgabunyane la hae, morena wa beng ba Sikeme; ka ho re, ke ngwanabo lona;


A le keng le bueng le beng ba Sikeme, le re: Haele ho buswa ke batho ba mashome a supileng, bao e leng bohle bana ba Jerubbaale, kapa e le ho buswa ke motho a le mong feela, ho molemo ho lona ke hofe na? Hape, le hopole hobane ke nna masapo a lona le nama ya lona.


A ntoo ya tlung ya ntatae Ofra, mme a bolaya banababo, bara ba Jerubbaale, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng; ha pholoha Jothame feela, mora e monyenyane wa Jerubbaale, hobane o ne a ipatile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ