Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Bamidiane ba kokobetswa jwalo, kapele ho bana ba Iseraele, ba se ke ba hlola ba tsosa mohlahla. Mehleng eo ya Gideone naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:28
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane dira tsa hao di a dumaduma, ba o hloyang ba emisa dihlooho;


Jehova wa makgotla o tla tlisa phafa hodima Assiria, jwalokaha a kile a otla Midiane lefikeng la Orebe, a emise thupa ya hae hodima lewatle, jwalokaha a entse Egepeta.


Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.


Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane; mme Othniele, mora Kenase, a timela.


Tsatsing leo Bamoabe ba kokobetswa ke Baiseraele, mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi.


Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.


Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.


Jerubbaale, mora Joase, a ya dula tlung ya hae.


Kahoo, Bafilesta ba kokobetswa, ba se ke ba hlola ba etla naheng ya Iseraele, mme letsoho la Jehova la eba boima hodima Bafilesta ka ditshiu tsohle tsa Samuele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ