Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Boima ba mefitshana eo a e kopileng, ya eba dishekele tsa kgauta tse sekete se nang le makgolo a supileng; ho sa balwe maphaketsana, leha e le masale, leha e le diaparo tsa sekarelata tse neng di aperwe ke marena a Midiane, leha e le mapetu a neng a rwesitswe melaleng ya dikamele tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Boima ba masale ao Gideone a neng a ile a a kopa ya eba dikilo tse ka bang mashome a mabedi, ntle ho dikgaretsana, le mekgabiso, le diaparo tse entsweng ka lesela le perese, tse neng di aparwa ke dikgosi tsa Midiane; le kantle ho diketane tse neng di le melaleng ya dikamele tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mordekai a tloha pela morena a apere seaparo sa borena sa purepera le sa lene e tshweu, a rwetse moqhaka o moholo wa kgauta, a ena le kobo ya lene le sekarelata. Mme motse wa Susane wa etsa ditlatse, o thabile haholo.


O itohela diphate tse ntle; ho apara ha hae ke lene le sekarelata.


Mohlang oo, Morena o tla tlosa ditsela tse maqaqailaneng, le meqhaka, le maphaketsana,


Ho latilwe silefera Tarshishe, e teilwe maqephenyana, le kgauta ya Ufase; e sebeditswe ke setei le ke matsoho a moqhibidisi; meaparo ke ya purepera e putswa le e kgubedu, kaofela ha ntho tseo ke mosebetsi wa ba masene.


Ka lene e ntle e homilweng ya Egepeta o ne o entse masela a hao le folaga ya hao, purepera le sekarelata sa dihlekehleke tsa Elisha o di nketse masela a hao a dilepello.


Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.


Bahlabani ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo apesa le kobo ya purepera;


Mme Jesu a tswela ntle a le jwalo, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo ya purepera. Pilato a re ho bona: Bonang, motho ke enwa.


Mosadi eo o ne a apere purepera le sekarelata, a kgabile ka kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le diperela; letsohong la hae o ne a tshwere pitsa ya kgauta, e tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae.


Mesebetsi ya kgauta, le ya silefera, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya diperela, le ya lene e ntle, le ya purepera, le ya sei, le ya sekarelata, le ya mahong wohle a monkgo o monate, le ya dipitsa tsa mefutafuta tse entsweng ka dinaka tsa ditlou, le dipitsa tsohle tsa mahong a hlokwang, le tsa koporo, le tsa tshepe, le tsa maramore;


ba re: Jo! jo! Motse o moholo o neng o apere line e ntle le purepera le sekarelata, o neng o kgabile ka kgauta, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka diperela, na maruo a kakalo a fedile jwang ka hora e le nngwe?


Jwale, Seba le Tsalmunna ba re ho yena: Ema wena, o re bolaye, hobane motho kamoo a leng kateng, matla a hae le wona a jwalo. Yaba Gideone o ema, a bolaya Seba le Tsalmunna, a nka le maphaketsana a rwesitsweng melaleng ya dikamele tsa bona.


Ba re: Re tla o nea yona ka bonolo. Yaba ba ala kobo, mme bohle ba akgela teng mefitshana eo ba e hapileng.


Gideone a etsa efoda ka tsona, a e bea Ofra, motseng wa habo; mme Baiseraele bohle ba itshela bootswa ka yona; ya eba leraba ho Gideone le ho bohle ba ntlo ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ