Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele Seba le Tsalmunna, ba ne ba fihlile Karkore le makgotla a bona, e leng bohle ba setseng ba makgotla wohle a bana ba Botjhabela, e batlile ho ba batho ba dikete tse leshome le metso e mehlano, ho bolailwe ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a ba pshemolang sabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Bo-Seba le Salemuna ba ne ba le Karakore, ba ena le mabotho a bona, ao e neng e ka ba banna ba dikete tse leshome le metso e mehlano. E ne e le bona feela ba neng ba ile ba sala lebothong la ditjhaba tsa botjhabela. Bahlabani ba neng ba ile ba bolawa e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa Moabe, ha a bona a hlotswe ke ntwa, a inkela banna ba makgolo a supileng, ba tshwereng disabole, a tle a phunye ho fihla moreneng wa Edomo, ba mpa ba sitwa.


Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Bana ba Iseraele ba nka batshwaruwa ba dikete tse makgolo a mabedi ho banababo bona, e le basadi, le bara le baradi; ba hapa le kgapo e kgolo ya bona, mme ba isa kgapo Samaria.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.


Tsatsing lona leo, bana ba Benjamine, ba tswileng metseng ya bona, ba balwa, ya eba banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ba pshemolang sabole, kantle ho ba ahileng Gibea, bao e neng e le banna ba dinatla ba makgolo a supileng, ha ba balwa.


Kantle ho Benjamine, banna ba Iseraele ha ba balwa, ya eba banna ba kete tse makgolo a mane, ba pshemolang sabole, banna ba ntwa kaofela ha bona.


Baholo ba setjhaba kaofela, e leng ba meloko yohle ya Iseraele, ba itlhahisa phuthehong ya setjhaba sa Modimo, ya eba batho ba kete tse makgolo a mane a ba maoto, ba pshemolang sabole.


Babenjamine ba tswa Gibea ho ya ba kgahlanyetsa, e le la bobedi, mme ba bolaela fatshe ho bana ba Iseraele banna ba kete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.


Jehova a qhala Benjamine pela Iseraele, mme ka lona tsatsi leo, banna ba Iseraele ba timetsa banna ba Benjamine ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano tse nang le lekgolo le le leng, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.


Bohle banna ba Benjamine ba bolailweng tsatsing leo ya eba banna ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba pshemolang sabole, banna ba bahale kaofela ha bona.


Ba ne ba tla ka mehlape ya bona le ditente tsa bona, ba tle ba le ka ka ditsie, ba se na ho balwa, bona le dikamele tsa bona; mme ba ne ba senya lefatshe.


Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela kaofela ba ne ba phatlaletse lehwatateng ba le ka ka ditsie, le dikamele tsa bona di se na palo, di le ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.


Eitse ha Gideone a fihla teng, bonang, motho o ne a phetela molekane wa hae toro, a re: Bona, ke lorile toro; ke bone ho hlaha ntho e kang senkgwana sa harese se thetehela diahelong tsa Bamidiane; sa fihla tenteng, sa e otla, sa e qethosa fatshe, tente ya ba ya rapalla.


Ba makgolo a mararo ba nna ba letsa diterompeta, mme Jehova a etsa hore e mong le e mong wa Bamidiane a hlabe e mong ka sabole ya hae diahelong tsohle, bohle ba diahelong ba ba ba baleha ho ya fihla Bethe-Shitta, nqa Tserera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, nqa Tabbathe.


Jwale, Gideone a nyoloha ka tsela ya ba ahileng ditenteng, nqa botjhabela ho Noba le Jogbeha, mme a qhala makgotla wohle, makgotla a sa iketlile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ